Isaia 53 - BIBELE1 Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang? 2 Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle. 3 O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa. 4 Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo. 5 O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae. 6 Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle. 7 O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua. 8 A kgannwa ka dikgoka, a ahlolwa ntle ho toka, ba leloko la hae ba se ke ba mo natsa. A tloswa hara ba phelang ba fatshe lena, a bolawa ka baka la makgopo a tjhaba sa ka. 9 O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui. 10 Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae. 11 Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona. 12 Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa