Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 50 - BIBELE


Sebe sa Iseraele

1 Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.

2 “Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.

3 Mahodimo ke a apesa tsa bofifi, ke a kwahele ka aparo se mahwashe.”


Mohlanka wa Morena o a ikokobetsa

4 Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.

5 Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.

6 Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.

7 Morena Modimo o tla nthusa, kahoo ha nka ke ka tlontloloha. Ke thatafaditse fahleho sa ka jwaloka moralla, mme ke a tseba ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.

8 Ya reng ha ke na molato o haufi le nna; ebe jwale ya ka nqosang ke mang? A re hle re thulane re tadimane! Moqosi wa ka yena ke mang? Ha a hle a tle a nqose!

9 Bonang, Morena Modimo ke yena ya nthusang! Ke mang ya ka mphumanang ke le molato? Baqosi bohle ba ka ba tla thotjhoha, ba thotjhohe jwaloka seaparo, tshwele e ba je, e be e ba fedise!

10 Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.

11 Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan