Isaia 5 - BIBELESefela se rorisang tshimo ya morara 1 Moratuwa wa ka ke tla mminela sefela, ke binele tshimo ya hae sefela, tshimo ya hae ya morara; moratuwa o ne a ena le tshimo rallaneng le mobu o motle. 2 A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane. 3 “Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara. 4 Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane? 5 Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto. 6 Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.” 7 Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi. Bobe bo etswang ke batho 8 Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo. 9 Morena wa mabotho o nnyenyeleditse, a re: “Matlo a mangata a tla sala e le dithako, matlo a maholo, a matle, a hloke baahi. 10 Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.” 11 Ho madimabe ba tsohellang jwaleng, ka madungwadungwana, ba inwellang ho fihlela bosiu, ba tahwe ke veine. 12 Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone. 13 Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora. 14 Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona. 15 Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe. 16 Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela. 17 Dinku di tla fula eka ke makgulong a tsona, dikonyana tsona di fule thakong tsa barui. 18 Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo, ka thapo tsa mafeela, ba ikgulelang sebe jwalokaha kariki e hulwa; 19 ba reng: “Modimo a akofise mesebetsi ya hae re e bone, merero e atamele, merero ya Ya Halalelang wa Iseraele e atamele re tle re e tsebe.” 20 Ho madimabe ba reng bobe ke ho loka, ho loka ke bobe, ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi, ba reng ho babang ho monate, ho monate ho a baba. 21 Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene. 22 Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino; 23 ba lokollang ya molato ka baka la tjotjo, ya se nang molato yena ba mo hlokele toka. 24 Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele. 25 Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. 26 O phahamiseditse tjhaba tse hole mokgele, ba pheletsong tsa lefatshe o ba bitsa ka molodi, ke bana ba etla kapele, ba potlakile! 27 Ha ho le ya mong wa bona ya kgathalang, a kgothometsehe, ha ho leqhama le kgwehlileng thekeng, ha ho lerapo la moqathatso le kgaohileng. 28 Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane. 29 Ho puruma ha bona ho ka ha tau, ba puruma jwaloka ditawana, ba a rora ha ba tshwara phofu ya bona, ba e hlasinye ho se ya ka e pholosang ho bona. 30 Tsatsing leo, ba tla puruma ba e hateletse, ba purume sa lewatle le hwasa. Etlare ha motho a tadima lefatshe a bone lefifi le ditlallo, lesedi le lona le fifaditswe ke maru. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa