Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 49 - BIBELE


Iseraele, lesedi la ditjhaba

1 “Lona dihlekehleke, mmameleng! Lona tjhaba tse hole, utlwang tsena! Morena o mpitsitse ke sa le popelong, mohla ke tswalwang a mpitsa ka bitso la ka.

2 O entse molomo wa ka seka sabole e bohale, a mpata moriting wa atla sa hae; a nketsa motsu o leoditsweng, a mpata ka sehlajweng sa hae.

3 Yaba o re ho nna: ‘Wena Iseraele, o mohlanka wa ka, ke ka wena ke tlang ho tlotliswa.’ ”

4 Yaba nna ke re: “Ke sebeleditse lelea, ka fufulellwa ntata selala. Empa se ntshwanelang se ka atleng sa Morena, moputso wa ka o ho Modimo wa ka.”

5 Morena ya nkgethetseng ho ba mohlanka wa hae, a nkgetha ke sa le popelong ya mme, hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena, ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele, hobane mahlong a hae ke a tlotleha, ke Modimo wa ka, ke yena matla a ka.

6 Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”

7 Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Jerusalema e hahwa botjha

8 Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.

9 Ho batshwaruwa o tle o re: ‘Tswang!’ Ho ba lefifing o re: ‘Tswelang leseding!’ Ba tla fula kathoko ho ditsela, ba fule jwaloka dinku, makgulo a bona a be maralleng wohle.

10 Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.

11 “Thabeng tsohle tsa ka ke tla etsa ditsela, mmila ya ka e katwe e tle e phahame.

12 Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.”

13 Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.

14 Empa Sione o itse: “Morena o mphuraletse! Morena wa ka o ntebetse!”

15 “Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”

16 Bona! ke ngotse bitso la hao kahara diatla tsa ka, marako a hao ke ntse ke a bona kamehla.

17 “Ba tla tsosa marako a hao, ba tla kgutla ba potlakile, ba o hataketseng, ba o ripitla, bona ba o balehe.

18 Phahamisa mahlo a hao, o thalatse kahohle; tjhaba sa hao se a phutheha, se tla ho wena. Ke hlapanya ka bitso la ka,” ho rialo Morena, “ho wena ba tla tshwana le mekgabiso, o ikgabise ka bona jwaloka monyaduwa.

19 “O fetohile lesupi, o hloka baahi, le naha ya hao e senyehile, e ke ke ya hlola e lekana, e lekana tjhaba sa hao, le hoja ba neng ba o ripitle ba tla be ba le hole.

20 Bana bao o ba tswetseng nakong ya bofifi ba hao, ba tla bua moo o ntseng o utlwa, ba re: ‘Baka sena se senyenyane, ha se re lekane, re ekeletse naha re tsebe ho haha.’

21 Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”

22 Morena Modimo o bua tjena: “Bona! ke tla hwehla baditjhaba, ke ba hwehle ka letsoho, ke phahamisetse ditjhaba mokgele wa ka; di tla kgutlisa bara ba hao di ba sikile, di kgutlise baradi ba hao di ba pepile.

23 Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”

24 Na mohale a ka amohuwa kgapo ya hae, kapa mothopuwa a lopollwa ho motlatlapi wa hae?

25 Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle.

26 Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan