Isaia 47 - BIBELEBabilona e a ahlolwa 1 “Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang. 2 Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka. 3 Bofeela ba hao bo tla pepeseha, dihlong tsa hao di se ke tsa pateha. Ke tla iphetetsa, ha ke na ho qenehela motho.” 4 Molopolli wa rona bitso la hae ke Morena wa mabotho, ke Ya Halalelang wa Iseraele. 5 “Dula o kgutsitse, o kene hara lefifi, wena moradi wa Bakalatiya, ha o sa tla bitswa mofumahadi wa mebuso. 6 “Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi. 7 “Yaba wena o re: ‘Ke tla nne ke be mofumahadi, ke be yena kamehla yohle!’ Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona. 8 “Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!’ 9 Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao. 10 “O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’ Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna!’ 11 Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba. 12 “Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao! 13 O ikgathaditse feela ka keletso tse ngatangata! Jwale bitsa balepi ba hao, balepi ba hao ba dinaledi, dinohe tse o senolelang diketsahalo, tsa kgwedi le kgwedi, di ke di o pholose ho tsena tse o tlelang. 14 “Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho. 15 Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa