Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 45 - BIBELE


Morena o kgetha Siruse

1 “Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa.

2 Ke tla o etella pele, ke batalatse dithaba, menyako ya lethose ke e thuake, mekwallo ya tshepe ke e robake.

3 Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.

4 Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, ka baka la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o rea bitso le hlomphehang leha o sa ka ntseba.

5 “Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe,

6 e le hore ho tloha botjhabela ho ya bophirimela tjhaba di tsebe hore ha ho e mong kantle ho nna. Ke nna Morena, ha ho na e mong.

7 Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.

8 “Lona mahodimo theolelang toka lefatsheng, maru a ke a nesetse lefatshe, a le nesetse ho loka, lefatshe le tle le itsibole, ho tle ho hlahe tholwana tsa pholoho, toka e hole hammoho le tsona; nna Morena, tsena di entswe ke nna.”


Morena ke Mmopi wa tsohle

9 “Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?

10 Ho madimabe ya reng ho ntatae: ‘O tswetseng?’ Kapa ya reng ho mmae: ‘O belehileng?’

11 “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele, Mmopi wa hao o bua tjena: Na o ka mpotsa tse tla etsahala ho bana ba ka? Kapa wa ntaela mabapa le mosebetsi wa matsoho a ka?

12 Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna.

13 Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.

14 Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”

15 Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele.

16 Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona.

17 Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.

18 Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong.

19 Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: ‘Mpatleleng lelea.’ Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.”


Morena wa lefatshe

20 “Kgobokanang, le tle, le atameleng mmoho, lona ba phonyohileng ho baditjhaba, dithoto ting! le tsamayang le jere, le jere medimo ya bohata, ya lehong, lona ba rapelang medimo e ke keng ya le pholosa.

21 Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.

22 “Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.

23 Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.

24 “Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.

25 Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan