Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 43 - BIBELE


Modimo o tshepisa ho lopolla Iseraele

1 Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.

2 Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.

3 Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.

4 Kaha o bile ntho ya bohlokwa, o hlompheha mahlong a ka, hobane ke o rata, ke tla fana ka batho bakeng sa hao, ke fane ka ditjhaba bakeng sa bophelo ba hao.

5 O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.

6 Ho batho ba ka leboya ke tla re: ‘Neelanang ka bona!’ Ho ba ka borwa ke re: ‘Le se ke la hana ka bona!’ Kgutlisang bara ba ka ba etswa hole, le baradi ba ka ba dipheletsong tsa lefatshe,

7 e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.”


Iseraele ke paki ya Morena

8 Tlisang ba foufetseng empa ba ena le mahlo, bao e leng ditholo empa ba ena le ditsebe.

9 Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”

10 “Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna.

11 “Nna, nna ke inotshi, ke Morena, kantle ho nna ha ho Mopholosi.

12 Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena.

13 “E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?”


Setjhaba se phonyoha Babilona

14 Morena, Mopholosi wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ka baka la lona ke tla otla Babilona, babalehi bohle ba Bakalatiya ke ba theole, ke ba theole ba balehele dikepeng, dikepeng tseo ba neng ba ikgantsha ka tsona.

15 Ke nna Morena, Ya Halalelang wa lona, Mmopi wa Iseraele, Kgosi ya lona.”

16 Morena o bua tjena, yena ya phuntseng tsela lewatleng, a seha mmila hara metsi a befileng;

17 ya ntshitseng dipere le kariki tsa ntwa, a ntsha mabotho le mekgahlelo ya wona, mabotho a rapalla moo, a rapallela ruri, a fediswa seka lebone le tingwa:

18 “Lebalang tsa kgalekgale, tse fetileng le se ke la di nahana.

19 Bonang, ke etsa ntho e ntjha! Ke ena e mela, na ha le e bone? Ke phunya tsela hara lehwatata, le dinoka naheng e omeletseng.

20 Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.

21 Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.”


Sebe sa Iseraele

22 “Empa ha o a ipiletsa ho nna, wena Jakobo, ha o a ikgathatsa ka nna, wena Iseraele.

23 Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.

24 Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao.

25 Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.

26 “Ako nkgopotse tse fetileng, re phehisane kgang ka tsona; bolela kamoo o hlokang molato kateng.

27 Ntataomoholo o ne a etse sebe, babuelli ba hao ba mphetohela,

28 kahoo ke tla tlontlolla baokamedi ba tempele ya hao, Jakobo yena ke mo abele timelo, Iseraele yena a nyedisehe.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan