Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 42 - BIBELE


Mohlanka wa Morena

1 “Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.

2 Ha a ka ke a howeletsa kapa a phahamisa lentswe, kapa a peroha hara diterata.

3 Ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehile, ha a ka ke a tima lebone, a le tima le taitsa. O tla ahlola bohle ka botshepehi.

4 Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.”

5 Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:

6 “Nna Morena, ke o bitsitse hobane ke lokile; ke tla o utlwa ka letsoho, ke o boloke, ka wena ke etse selekane le baditjhaba, ka wena ke tlisetse baditjhaba lesedi.

7 O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana.

8 “Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.

9 Bonang, tsa pele di se di fetile, jwale ke le bolella tse ntjha; ke le phatlalletsa tsona di eso etsahale.”


Sefela sa tlotliso

10 Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona.

11 Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba.

12 Ba ke ba tlotlise Morena, ba phatlalatse thoriso ya hae dihlekehlekeng.

13 Morena o tla futuha jwaloka mohale ya matla, jwaloka mohlabani o tla tsosa tjheseho ya hae; o tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa, dira tsa hae le tsona a di ripitle.


Morena o tshepisa ho thusa tjhaba sa hae

14 “Ke kgale ke kgutsitse, ke thotse, ke itshwere, empa jwaloka mosadi ya bohlokong ba pelehi ke tla howeletsa ke bipetsane, ke fehelwa.

15 Ke tla thua dithaba le maralla, ke omeletse dimela tsohle, dimela tsohle tse ho wona; dinoka ke tla di fetola, ke di fetole dihlekehleke, matsha le wona ke a pshese.

16 Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.

17 Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”


Iseraele o sitwa ho ithuta

18 “Mamelang, lona bo-tsebetutu! Tadimang le bone, lona difofu!

19 Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena?

20 O bone ntho tse ngata, empa ha o di ele hloko; tsebe tsa hao di lethwethwe, empa ha o utlwe letho.”

21 Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.

22 Empa tjhaba sena se senyeditswe, sa utswetswa, batho bohle ba wetse ka mameneng, ba patilwe ditjhankaneng; batho bohle ba fetohile lelobelo, ha ho le ya mong ya ba pholosang, ba senyeditswe, ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”

23 Ke mang wa lona ya tla mamela tsee, eo ho tloha jwale a tla di sekehela tsebe?

24 Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae.

25 Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae, a e hlatsetsa hodima bona, a hlatsa le bohale ba ntwa, a bo hlatsetsa hodima bona. Kgalefo ya ba aparela ka malakabe, empa ba se ke ba utlwisisa letho, ya ba tlabola, empa ba se ke ba e natsa.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan