Isaia 40 - BIBELETjhaba sa Modimo se a tshediswa 1 “Tshedisang setjhaba sa ka, se tshediseng,” ho rialo Morena. 2 Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo. 3 Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng. 4 Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe. 5 Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.” 6 Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha. 7 Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang. 8 Jwang bo a pona, palesa di foforehe, empa ntswe la Modimo wa rona le hlola kamehla.” 9 Wena Sione, ya tlisang molaetsa o molemo, nyolohela thabeng e phahameng. Wena Jerusalema, ya tlisang molaetsa o molemo, howeletsa haholo o se na tshabo. Bolella metse ya Juda, o re: “Bonang, Modimo wa lona ke enwa!” 10 Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele. 11 O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle. Ha ho Modimo ya kang wa Iseraele 12 Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang? 13 Ya kila ruta Moya wa Morena ke mang? Ya kila mo ruta e le moeletsi wa hae ke mang? 14 Morena o kopile mang hore a mo eletse? Ho ahlola ka toka a ho rutwa ke mang? Tsebo yona a e rutwa ke mang? Tsela ya kutlwisiso a e bontshwa ke mang? 15 Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana. 16 Fate tsa Lebanone ha di lekane ho besa, ho besa mollo aletareng, phoofolo tsa teng ha di lekane ho etsa setjheso. 17 Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso. 18 Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang? 19 Setsebi se etsa setshwantsho sa modimo wa bohata, ebe lelala le se maneha kgauta, le se etsetse ketane tsa silefera. 20 Mofutsana ya sitwang ho etsa nyehelo e jwalo, o kgetha sefate se ke keng sa ba sa bola; a batle setsebihadi sa mohlalefi ho mo etsetsa setshwantsho sa modimo wa bohata, se ke keng sa wa. 21 Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Ha le a ka la tsebiswa ho tloha tshimolohong? Ha le eso utlwisise haesale lefatshe le thewa? 22 Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona. 23 Mahosana o a etsa mafeelafeelane, babusi ba fatshe lena a ba fetole lefeela. 24 Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko. 25 “Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang. 26 Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang. 27 Wena Jakobo, o leng Iseraele, ke hobaneng ha o bua, o re: “Metsamao ya ka Morena ha a e tsebe, Modimo wa ka ha a natse tokelo ya ka?” 28 Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa. 29 O matlafatsa ba tepeletseng, ba kgathetseng o ba tsosa molota. 30 Batjha ba a kgathala, mme ba tepelle, bahlankana ba kgothometsehe, ba be ba we; 31 empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa