Isaia 35 - BIBELEThabo ya ba lopolotsweng 1 Lehwatata le letswatlare di tla thaba, lefeella le nyakalle, palesa di thunye. 2 Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona. 3 Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang; 4 ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.” 5 Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe; 6 sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata. 7 Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi. 8 Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto. 9 Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya. 10 Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa