Isaia 34 - BIBELEModimo o tla ahlola dira tsa hae 1 Lona ditjhaba tsohle atamelang, le mamele, lona merabe sekehang tsebe! Lefatshe le tsohle tse ho lona, le tsohle tse tswang ho lona, le ke le mamele! 2 Morena o halefetse ditjhaba tsohle, kgalefo ya hae e hodima mabotho wohle a tsona; o di timeditse kaofela ha tsona, o neelane ka tsona hore di bolawe. 3 Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona. 4 Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng. 5 Sabole ya Morena e tswa lehodimong, bonang ke eo e theoha ho ahlola Edomo, tjhaba seo a rerileng ho se timetsa. 6 Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela. 7 Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura. 8 Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione. 9 Metsi a noka tsa Edomo a tla fetoha boka, mobu wa yona o fetohe sebabole, naha e fetohe boka bo tukang malakabe! 10 E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona. 11 Morubisi le sephookwana di tla hahela ho yona, makgohlo le lekgwaba di etse dihlaha ho yona. Modimo o tla e fetola letswatlare, e be feela, e hloke sebopeho jwaloka pele pele ho tlholeho ya dintho. 12 Ha ho kgosi e tla busa naha eo, mahosana wohle a yona a tla fetoha lefeela. 13 Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng. 14 Batana tsa naha di tla kopana le makanyane, matsa a bitsane ka ho etsa lemeemee; phoofolo tsa bosiu di tla itlela moo, di itlele moo ho batla baka sa ho phomola. 15 makgohlo o tla haha sehlaha teng, a behele a be a qhotse, madinyane a a sireletse ka mapheo a hae; matlaka le wona a tla kgobokanela moo, le letona ka leng le be le sethole sa lona. 16 Fuputsa bukeng ya Morena, o bale: Ha ho le e nngwe ya tsona e tla ba siyo, ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane. Ke molomo wa Morena o entseng taelo, ke Moya wa hae o tla di bokella. 17 Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa