Isaia 33 - BIBELEThapelo e kopang thuso 1 O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka. 2 Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi. 3 Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla. 4 Lona ditjhaba, kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane ha bo kumola, banna ba e tsholohela sa boiyane ba ditsie. 5 Morena o phahame, hobane o ahile hodimo, o entse hore toka le ho loka di be teng Sione. 6 Morena e tla ba motheo wa nnete, e be motheo mehleng ya lona, e be sesiu sa pholoho le bohlale le tsebo; ho tshaba Morena ke lona letlotlo la lona. 7 Bonang, bahale ba a bokolla, ba bokolla hara diterata, maqosa a kgotso a lla sa mmokotsane. 8 Mmila e meholo e setse e le feela, ditseleng le teng batsamai ha ba sa bonwa, selekane se senyehile, metse e nyedisitswe, ha ho sa le le ya hlomphehang. 9 Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba. Morena o kgalema dira tsa hae 10 “Jwale ke tla ema,” ho rialo Morena; “jwale ke tla tuma, jwale ke tla phahama. 11 Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa. 12 Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka, di tjhe jwaloka fate tsa leoka tse remilweng.” 13 Lona ba hole, utlwang seo ke se entseng, lona ba haufi, ananelang matla a ka. 14 Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?” 15 Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe; 16 ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi. Matsatsi a tlang, a tlotlehang 17 Mahlo a lona a tla bona kgosi e kgabile, le bone le naha e nametseng hole. 18 Pelong ya hao o tla lohotha tsietsi tsa pele: “O kae ya neng a bala dithelo? O kae ya neng a bea tjhelete sekaleng? Se kae sehlwela se neng se bala ditora?” 19 Tjhaba seo sa baikakasi o ke ke wa hlola o se bona, tjhaba seo puo ya sona e sa tsebahaleng, tjhaba sa mahwelea, seo puo ya sona e sa utlwahaleng. 20 Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha. 21 Ke moo Morena a tla tlotleha ho rona, e tla ba baka sa dinoka tse batsi le melatswana. Ha ho kepe sa masokwana se tla feta teng, ha ho kepe se seholo se tla sesiswa teng. 22 Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa. 23 Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo. 24 Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa