Isaia 32 - BIBELEMmuso wa toka 1 Bonang, kgosi e tla busa e buse ka ho loka, mahosana a yona a buse ka toka. 2 Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng. 3 Mahlo a ba bonang a ke ke a fifala, tsebe tsa ba utlwang di tla mamela. 4 Ba kelello di tatang ba tla tseba, ba utlwisise, maleme a mahwelea a rarolohe, a bue hantle. 5 Sethoto se ke ke sa hlola se bitswa kgosana, kapa senokwane sa hlompheha haholo; 6 hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi. 7 Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse. 8 Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa. Kahlolo le ntjhafatso 9 Lona basadi ba iketlileng, tsohang le mamele lentswe la ka! Lona barwetsana ba itshepileng, mamelang seo ke se bolelang! 10 Etlare hoba selemo se fetafete, lona basadi ba iketlileng le tla thothomela; morara o kotulwang o tla ba siyo, le ditholwana di ke ke tsa eba teng. 11 Thothomelang, lona basadi ba iketlileng! Tlakaselang, lona barwetsana ba itshepileng! Hlobolang aparo tsa lona, itlameng matheka ka tse mahwashe! 12 Llelang masimo a lona a matlematle, le llele morara o atlehileng; 13 le llele le naha ya tjhaba sa ka, naha e metseng meutlwa le hlabahlabane; llelang matlo wohle a boithabiso, le llele motse ona wa menyanyako. 14 Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng, 15 ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng. 16 Toka e tla ba teng lehwatateng, ho loka ho be teng hara kgwiti ya masimo. 17 Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla. 18 Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho. 19 Leha fako se ka ruthutha moru wa healla, motse wa heletswa kahohle, wa batalla, 20 lona le tla ba lehlohonolo haholo, le jale peo ya lona mabopong a dinokana tsohle, pholo le tonki tsa lona di kgaphelwe sekwai. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa