Isaia 30 - BIBELESelekane sa Egepeta se se nang thuso 1 Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote! 2 Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta. 3 Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha. 4 Leha mahosana a bona a se a le Sowane, maqosa a bona a sa fihlile Hanese, 5 bohle ba tla hlabiswa dihlong ke tjhaba seo, hoba tjhaba seo ha se ba thuse ka letho ha se ba tlisetse thuso, ha se ba etsetse molemo, haese ho ba tlisetsa maswabi le ho tlontloloha.” 6 Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso, 7 a iswa Egepeta, naheng e se nang thuso, kahoo ke e bitsa kganyapa e se nang kotsi. Tjhaba se sa hlompheng 8 Eya, o ba ngolle tsena hodima letlapa ba ntse ba bona, o ba ngolle tsona bukeng, e le hore ka matsatsi a tlang e tle be bopaki, e tle be bopaki ba kamehla yohle. 9 Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele. 10 Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata. 11 Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!” 12 Kahoo Ya Halalelang wa Iseraele o re: “Kahobane le hanyetsa keletso ena, le tshepa kgatello le bokgopo, le beile tshepo ya lona ho tsona, 13 bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi. 14 O tla le thuakanya sa pitsa ya letsopa e pshatleha makumane, a thuakanye a sa qenehele letho, hoo ho ke keng ha sala le lengetana la ho okga mollo, kapa lona la ho kga metsi, ho a kga ka sedibeng.” 15 Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo. 16 Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta! 17 Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.” 18 Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng. Modimo o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae 19 Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba. 20 Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona. 21 Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.” 22 Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!” 23 Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata. 24 Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole. 25 Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang. 26 Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona. Modimo o tla ahlola Asiria 27 Bonang, bitso la Morena le tswa hole, kgalefo ya hae e a tlokoma, kotlo e boima; molomo wa Morena o tletse kgalefo, leleme le hae le ka mollo o timetsang. 28 Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela. 29 Empa lona le tla bina difela, jwaloka mohla bosiu ba mokete o halalelang, pelo tsa lona di nyakalle sa ba letsang makodilo, ba a letsa ba eya thabeng ya Morena, ba eya ho Lefika la Iseraele. 30 Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako. 31 Baasiria ba tla tshoswa ke ntswe la Morena, ha Morena a ba otla ka molamu wa hae. 32 Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae. 33 Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa