Isaia 3 - BIBELEJerusalema le Juda di a ahlolwa 1 Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle. 2 O tla di amoha mohale le mohlabani, moahlodi le moporofeta, senohe le moholo wa setjhaba; 3 le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella. 4 Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona. 5 Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla. 6 Motho o tla tshwara e mong wa bana babo, a mo tshware a le lapeng labo, a re: “O na le seaparo, eba mmusi wa rona, masupi ana a ke a buswe ke wena!” 7 Mohlang oo eo o tla meketsa, a re: “Ha nka ke ka ba pheko ya lona, lapeng ha ka ha ke na dijo le seaparo, o ke ke wa nketsa mmusi, mmusi wa tjhaba sena!” 8 Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae. 9 Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona! 10 Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona. 11 Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona. 12 Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona. Morena o ahlola setjhaba sa hae 13 Morena o a ema, o bolela qoso ya hae, o a ema, o ahlola ditjhaba. 14 Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana. 15 Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho. Kgalemo ho basadi ba Jerusalema 16 Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana. 17 Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.” 18 Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala; 19 masale, dipetja le wona masira; 20 le dikola, le dithoto, le dinyepa, le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho; 21 le masale a monwana le masale a dinkong, 22 le diaparo tse majabajaba, le ditipe, le mekotlana; 23 le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale. 24 Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi. 25 Bana ba lona ba tla bolawa ka sabole, e leng bona bahale ba lona ntweng. 26 Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa