Isaia 28 - BIBELEHo madimabe Efraime 1 Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona! 2 Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho. 3 Mofapahlooho wa botlotlehi wa matahwa a Efraime, o tla hatakelwa ka maoto. 4 Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja. 5 Ka tsatsi leo, Morena wa mabotho e tla ba mofapahlooho wa tlotla, e be moqhaka o kgabane ho masalla a tjhaba sa hae. 6 E tla ba moya wa toka ho ba okametseng kahlolo, le wa bonatla ho ba phumelang sera kgorong ya motse. Esaya le baporofeta ba matahwa ba Juda 7 Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala. 8 Tafole tsohle di tletse mahlatsa le ditshila, ha ho na sebaka le se seng se hlwekileng. 9 “Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng! 10 Thuto ya hae ke: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane.” 11 Kahoo Morena o tla bua le tjhaba sa hae, a bue le sona ka maleme a batho basele, a bue le sona ka maleme a baditjhaba. 12 O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela. 13 Ka baka leo ntswe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaya ba we ka sanketse, ba robehe, ba tshwaswe, ba thopuwe. Lejwe la motheo la Sione 14 Mamelang lona basomi ba busang tjhaba se Jerusalema, lentswe la Morena ke lena: 15 Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.” 16 Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’ 17 Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.” 18 Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele. 19 Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha. 20 Moalo o mokgutshwanyane hoo o ke keng wa nama, kobo e nyenyane hoo o ke keng wa ikatela. 21 Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo. 22 Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa. Bohlale ba Modimo 23 Theang tsebe le utlwe lentswe la ka, mamelang le utlwe polelo tsa ka. 24 Na ya lemelang ho jala a ka lema motjha-o-tjhele? A dulela ho lema le ho phophotha makwete? 25 Ha a thuile makwete o jala kolojannere le sepaile, ebe koro yona o e jala ka mela, harese le mabele a di jale temeng ya tsona. 26 Tsena o di rutilwe ke Modimo wa hae, a mo kwetlisetsa tsona hantle. 27 Ha ho polwa kolojannere ha ho sebediswe selei, mabidi a kariki ha a pole sepaile; molamu o sebediswa ha ho polwa kolojannere, sepaile sona se polwe ka lere. 28 Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise. 29 Tsena tsohle di tswa ho Morena wa mabotho, keletso tsa hae ke tse makatsang, bohlale ba hae ke bo tebileng. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa