Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 26 - BIBELE


Modimo o tla nea tjhaba sa hae tlholo

1 Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena: Re na le motse o matla, ka marako le metero ya wona Modimo o a re pholosa.

2 Bulang menyako ya motse, tjhaba se lokileng se kene, tjhaba se tshepahalang se kene.

3 O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.

4 Itshepele Morena kamehla yohle, hobane Morena Modimo, ke Fika la mehla yohle.

5 Ba tulong tse phahameng o a ba theola, motse o phahameng a o kokobetse, a o heletse o wele fatshe, a o theolele tlase, leroleng.

6 O tla hatakelwa ka maoto, o hatakelwe ke maoto a mafutsana, o hatakelwe ke mehato ya bahloki.

7 Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.

8 Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.

9 Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. Ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka.

10 Leha ba kgopo ba ka hauhelwa, ha ba ke be ba ithute ho loka; leha ba ka phela naheng ya toka, ba tswela pele ho nna ba etsa bokgopo, botlotlehi ba Morena ba se ke ba bo bone.

11 Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.

12 Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.

13 Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.

14 Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha.

15 Oho, Morena, o se atisitse setjhaba, o se atisitse, o a tlotleha ke hona; wa namisa meedi ya naha.

16 Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.

17 Jwalokaha moimana ya kgatheng la ho beleha a ye a meneke, a lliswe ke mahlaba a hae, le rona re bile jwalo mahlong a hao Morena.

18 Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa.

19 Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Kahlolo le ntjhafatso

20 Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.

21 Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan