Isaia 24 - BIBELEMorena o tla otla lefatshe 1 Morena o tla falatsa lefatshe, a le timetse, sebopeho sa lona a se senye, baahi ba lona a ba hasanye. 2 Ho tla ba jwalo ho moprista le ho setjhaba, ho mohlanka le ho monga hae, ho lekgabunyane le ho mofumahadi wa lona; ho be jwalo ho moreki le ho morekisi, ho moadimi le ho moadimuwa, ho morui le ho mofutsana. 3 Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo. 4 Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella. 5 Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle. 6 Kahoo thohako e aparetse lefatshe, baahi ba lona ba jere molato wa bona, ba tjheswa ke lebatama, ho sale ba mmalwana. 7 Veine e ntjha e fofile, fate tsa morara di ponne, ba thabileng ba aparelwa ke maswabi. 8 Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse. 9 Veine e fedile le dipina ha di sa le yo, dino tse tahang ke mohalakane ho ba di nwang. 10 Motse wa mafeela o fetohile lesupi, matlo wohle a tinketswe, hore ha se be ya ka kenang. 11 Diterateng tsohle batho ba llela veine, menyaka yohle le yona e se fedile, lefatsheng lohle medidietsane ha e sa utlwahala. 12 Hara motse ho setse masupi feela, menyako ya motse e robehile dikotwana. 13 Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa. 14 Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela. 15 Lona ba ka botjhabela tlotlisang Morena, le lona ba dihlekehlekeng, le tlotlise bitso la Morena, Modimo wa Iseraele. 16 Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele! 17 Tshabo le mohohlo le leraba di o emetse, di emetse wena ya ahileng lefatsheng. 18 Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla. 19 Fatshe lohle le tla ripitlwa, le ripitlwe, fatshe lohle le tla phatloha, le phatlohe, fatshe le tla sisinngwa madulong a lona, le sisinngwe. 20 Fatshe le tla thekesela, le kapeye sa letahwa, le tsokotsehe sa lephephe la molebedi; dibe tsa lona di tla le imela haholo, ebe le a wa, ha le hlole le tsoha hape. 21 Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng. 22 Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle di be mmoho, di kgobokanngwe sa batshwaruwa ba le ka mohohlong, ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng, kamora matsatsi a mangata di nto newa kotlo. 23 Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa