Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 23 - BIBELE


Boporofeta malebana le Tire

1 Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire.

2 Kgutsang lona ba ahileng pela lebopo, kgutsang lona bahwebi ba Sidone, ba ruisitsweng ke ba tshelang mawatle.

3 Koro ya Shihore e tshedisitswe mawatle a maholo, tjhai ya phula ya Nile ya tlisetsa Tire mouno, Tire ya ruiswa ke ho hweba le tjhaba tse ding.

4 Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”

5 Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosi ba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire.

6 Tshelelang mose ho Tarashishe; bokollang lona ba ahileng pela lebopo la lewatle.

7 Na oo ke wona motse wa lona wa menyaka, motse o theilweng mehleng ya kgalekgale, o ila romela baahi ho ya aha naheng tse hole?

8 Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle?

9 Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng.

10 Wena moradi wa Tarashishe haola naheng ya heno, o haole ho yona jwaloka noka ya Nile, hobane ya o thibelang ha a sa le yo.

11 Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.

12 Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”

13 Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.

14 Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hoba qhobosheane ya lona e ripitlilwe.

15 Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng:

16 “Nka harepa ya hao o potolohe le motse, wena seotswa towe, o seng o sa hopolwe; tsanyaola melodi, o bine dipina tse ngata, o tle o boele o hopolwe hape.”

17 Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.

18 Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan