Isaia 19 - BIBELEModimo o tla otla Egepeta 1 Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo. 2 “Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong. 3 Baegepeta ba tla lahlehelwa ke tshepo, merero ya bona ke e nyopise. Ba tla ipiletsa ho medimo ya bohata le ho dinohe, ba ipiletse ho mathuela le ho baloi. Matsohong a mmusi ya lonya, 4 ke tla neelana ka Baegepeta, ba buswe ke kgosi e sehloho,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. 5 Metsi a ka nokeng ya Nile a tla fela, noka eo e pshe, e omelle, 6 melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona, 7 le dijalo tsohle tse mabopong a noka eo, le tse metseng moo e kenang lewatleng. Masimo wohle a mabopong a noka eo a tla omella, moya o fefole mobu ho sale ho se na letho. 8 Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla, le bohle ba akgelang dilope nokeng ya Nile, ba lle, le bona ba akgelang matlowa metsing ba tlallwe. 9 Ba ohlang motsitla ba tla fellwa ke tshepo, balohi ba masela a lene ba tepelle; 10 bao e leng tshiya tsa naha ba tla ripitlwa, ba sebeletsang moputso ba nyahame dipelo. 11 Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?” 12 Jwale ba kae bahlalefi ba hao? A ba o tsebise, ba o phatlalletse seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta. 13 Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta. 14 Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona. 15 Ya ka thusang Egepeta ha a yo, e ka ba hlooho kapa mohatla, kala la palema kapa lehlaka. Egepeta e tla kgumamela Morena 16 Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona. 17 Ba naha ya Juda ba tla tshosa Egepeta. E mong le e mong ha a utlwa tsa naha ya Juda o tla tshoha ka baka la seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta. 18 Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo. 19 Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena. 20 Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla. 21 Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe. 22 Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise. 23 Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria. 24 Mohlang oo, Iseraele e tla ba ya boraro kamora Egepeta le Asiria, mme lefatshe lohle le tla hlohonolofala ka baka la yona. 25 Morena wa mabotho o tla di hlonolofatsa, a re: “Setjhaba sa ka sa Egepeta se ke se hlohonolofale, le Asiria e leng mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele eo e leng lefa la ka.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa