Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 18 - BIBELE


Modimo o tla otla Kushe

1 Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe,

2 e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.

3 Lona baahi bohle ba lefatshe, lona ba ahileng lefatsheng, tadimang ha mokgele o phahamiswa dithabeng, mamelang ha lenaka le lla.

4 Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.”

5 Etlare ho eso kotulwe, thunthung di se di ponne, ha tholwana tsa morara di qala ho bopeha, a kgaole mahlomela ka thipa ya ho faola, a kgaole makala a qalang ho thathalla.

6 Bohle ba tla tlohellwa matlaka hara dithaba, ba tlohellwe le tsona batana tsa naha; hlabula matlaka a tla ja dinama tsa bona, mariha batana tsa naha di ba harole.

7 Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan