Isaia 17 - BIBELEModimo o tla otla Damaseka le Iseraele 1 Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela. 2 Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya. 3 Motse o haheleditsweng o tla ba siyo Efraime, le wona mmuso wa Damaseka o tla fela, masalla a Arame a tla fela sa tlotla ya Iseraele,” ho rialo Morena wa mabotho. 4 “Mohla tsatsi leo, tlotla ya Jakobo e tla fifala, monono wa hae le wona o fele. 5 Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime. 6 Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele. 7 Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele. 8 A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae. 9 Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola. 10 O lebetse Modimo, Mopholosi wa hao, ha o a hopola Lefika, qhobosheane ya hao, kahoo leha o ka lema difate tse ntlentle, wa lema le morara o tswang mafatsheng a mang; 11 leha o ka mela mohla o o hlomileng, ka la hosasane wa tsoha o fupuditse, kotulo yona e ke ke ya eba teng mohla tsatsi la mafu a ke keng a phekolwa. Mabotho a dira a a hlolwa 12 Utlwang modumo wa matshwele a ditjhaba! A duma sa lewatle le tsudubutlana! Bonang kamoo tjhaba di kgorohang kateng! Di kgoroha sa maqhubu a phuthumana! 13 Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo. 14 Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa