Isaia 16 - BIBELEBoemo ba Moabe 1 Thellang mmusi wa naha ka ho romela dikonyana, di romelwe di etswa Sela, mose wane ho lehwatata, di romelwe thabeng ya moradi wa Sione. 2 Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re: 3 “Re eletse, o re etsetse qeto, moriti wa hao o re sireletse motsheare, sa fifi la bosiu; pata ba lelekilweng, o se eke baphaphathethi. 4 Eba setshabelo sa Bamoabe, Bamoabe ba lelekilweng, o ba sireletse ho ya ba timetsang.” Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa, mosenyi yena a kgaotse ho senya, mohatelli le yena a fediswe naheng eo. 5 Ka mohau terone e tla tsitsiswa, ya tla e dula a e dule ka botshepehi, e leng e mong wa leloko la Davida, ya tla ahlola ka toka, a thahaselle ho loka. 6 Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela. 7 Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko. 8 Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle. 9 Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse. 10 Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng. 11 Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo. 12 Ha Bamoabe ba nyolohela bakeng tsa bona tsa borapedi, ba nyolohela lefeela; ha ba nyolohela tempeleng ya bona ho ya rapela, le teng ha ho na thuso. 13 Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo. 14 Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa