Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 15 - BIBELE


Modimo o tla timetsa Moabe

1 Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe!

2 Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.

3 Ba tsamaya terateng tsa motse, ba apere tse mahwashe, bohle ba lla ba le hodima marulelo, le mabaleng a motse, ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.

4 Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.

5 Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.

6 Metsi a Nimerime a pshele, jwang bo omeletse, dimela di fedile, ha ho letho le letalana.

7 Maruo ao ba a sebeditseng ka thata, ba a bokella, ba a kakatetse ho ya tshela Molatswana wa Meduwane.

8 Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime.

9 Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan