Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 13 - BIBELE


Modimo o tla otla Babilona

1 Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:

2 Phahamisang mokgele hodima thaba e phollatsi, ba howeletseng, le ba hwehle ka letsoho, e le hore ba kene kgorong tsa mahosana.

3 Mokgetho wa bahlabani ba ka ke se ke o laetse, bahale ba ka ke ba bitsitse, ho phethahatsa kgalefo ya ka, bona ba thabelang ho hlola ha ka.

4 Ho utlwahala modumo wa letshwele hara dithaba, modumo o kang wa sekgakgathahadi sa batho! Ho utlwahala modumo wa mebuso, lereberebe la mebuso ya ditjhaba di phuthehile! Morena wa mabotho o kgobokanya mabotho a ntwa!

5 A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.

6 Bokollang, tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla e le la timetso, le etswa ho Ya Matla wohle!

7 Ka baka leo, matsoho wohle a tla tepella, batho bohle ba fellwe ke tshepo.

8 Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe.

9 Bonang, tsatsi la Morena ke lena le a tla! Le tla ka sehloho le ka kgalefo, ka bohale bo tlokomang, le tla ho fetola lefatshe e be nanaola; ka tsatsi leo baetsadibe o tla ba timetsa.

10 Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo.

11 Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.

12 Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire.

13 Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae.

14 Jwaloka kgama e balehang setsomi, jwaloka dinku tse hlokang modisa, motho ka mong o tla kgutlela tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.

15 Bohle ba tla thopuwa ba tla phehletswa ka lerumo, bohle ba tla tshwarwa ba bolawe ka sabole.

16 Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe.

17 Ke tla hlohleletsa Bamede ba ba tsohele matla, Bamede ba sa tsotelleng bohlokwa ba silefera, bona bao kgauta e ke keng ya ba hohela.

18 Diqha di tla roboka batjha, ba fetohe ditsekana, baimana bona ba ba hlokele mohau, leha e le hona ho utlwela bana bohloko.

19 Wena Babilona, tlotla ya mebuso, mokgabo oo Bakalatiya ba leng motlotlo ka wona, Modimo o tla o timetsa sa Sodoma le Gomora!

20 O ke ke wa hlola o eba le baahi, o tla ba hloka ka meloko le meloko, ha ho Moarabia ya tla hloma tente ya hae moo, le badisa ba ke ke ba etsa metebo ya bona moo.

21 Batana tsa lehwatata di tla botha moo, diphooko le tsona di hahele teng, ebe moo dimpshe di phelang teng, dithotsela di tlolake teng, di tlolake di nyakaletse.

22 Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan