Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 11 - BIBELE


Mmuso wa kgotso

1 Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana.

2 Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;

3 yena o tla thabela ho tshaba Morena. Ha a ka ke a ahlola ho ya ka tshobotsi, kapa a etsa qeto ho ya ka tsa bo-fuufu;

4 empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.

5 Ho loka e tla ba leqhama la hae, nnete e be senyepa thekeng la hae.

6 Phiri e tla phela le konyana, lengau lona le bothe, le bothe le potsanyane, namane le tawana le sethojana di hole mmoho, ngwana wa lesea a di etelle pele.

7 Kgomo e tla fula le bere, manamane a tsona a bothe mmoho, tau e fule jwang jwaloka pholo.

8 Lesea le tla ipapalla pela mokoti wa masumo, ngwana a kenye letsoho mokoting wa qowane.

9 Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi.


Bathopuwa ba tla kgutla

10 Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.

11 Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.

12 O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.

13 Mona wa ba Efraime o tla fela, dira tsa ba morabe wa Juda di timetswe, ba Efraime ba ke ke ba honohela ba Juda, le ba Juda ba ke ke ba tshwenya ba Efraime.

14 Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona.

15 Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso.

16 Masalla a tjhaba sa hae a tswang Asiria, a tla tsamaya mmileng o phatlaletseng, jwaloka mohla Baiseraele ba tswang Egepeta.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan