Isaia 10 - BIBELE1 Ho madimabe ba etsang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang melao e hatellang, 2 hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana. 3 Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae? 4 Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. Modimo o ahlola Asiria 5 O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao! 6 Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata. 7 Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata. 8 Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi? 9 Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka? 10 Jwalokaha ke hapile mebuso ya medimo ya bohata, eo tshwantsho tsa yona di fetang, tsa Jerusalema le Samaria, 11 Jerusalema le medimo ya yona ya ditshwantsho ke tla e etsa sa Samaria, le medimo ya yona ya ditshwantsho.” 12 Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona, 13 hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona. 14 Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.” 15 Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong? 16 Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe. 17 Sedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Ya Halalelang wa hae a fetohe lelakabe le tla tjhesa meutlwa le hlabahlabane, le di tjhese ka tsatsi le le leng. 18 Mokgabo wa meru ya yona le wa masimo a nonneng, Morena o tla o timetsa ho hang ka malakabe, sa ha mokudi a fella dikobong. 19 Fate tsa meru ya yona di tla sala di le mmalwana, hoo le ngwana a ka tsebang ho di bala. Masalla a Iseraele a tla kgutla 20 Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele. 21 Masalla a tla boela a kgutla, masalla a Jakobo a kgutlele ho Modimo ya matla. 22 Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka. 23 Morena, Morena wa mabotho, o tla phethahatsa timetso e laoletsweng naha yohle. Morena o tla otla Asiria 24 Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o re: “Lona tjhaba sa ka se phelang Sione, le se ke la tshaba Baasiria, bona ba le otlang ka molamu, ba le phahamisetsang koto jwalokaha Egepeta e ile ya etsa. 25 Haufinyane ho le halefela ha ka ho tla fela, kgalefo ya ka e tobane le ho timetswa ha bona.” 26 Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta. 27 Mohla tsatsi leo, o tla hlohlollwa mojaro wa bona, joko ya bona e tloswe molaleng wa hao. Sera se a futuha 28 Sera se hapile Aiata, sa pholletsa hara Migerone, sa boloka thoto ya sona Mikemase. 29 Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha. 30 Bokolla, wena moradi wa Galeme! Thea tsebe le wena Laesha! Wena Anatote o madimabe! 31 Baahi ba Madamene ba a baleha; baahi ba Gebime ba batla setshabelo. 32 Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema. 33 Bonang Morena, Morena wa mabotho, o tla roba makala ao ka matla a hae a maholo, makala a malelele a tla rengwa, a phahameng wona a tla kgethulwa. 34 Meru e teteaneng o tla e rema ka selepe, fate tsa Lebanone di wele kapele ho Ya Matla wohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa