Isaia 1 - BIBELE1 Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda. Modimo o kgalemela setjhaba sa hae 2 Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse. 3 Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.” 4 Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse. 5 Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula. 6 Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso le diso tse petlang, ha di eso hlatsuwe kapa tsa tlamiswa, le ho tlotswa ka ole ha di eso tlotswe. 7 Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona. 8 Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella. 9 Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora! 10 Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona! 11 Morena o re: “Molemo wa mahlabelo a lona ho nna ke ofe, mahlabelo a lona a mangatangata? Ke tennwe ke nyehelo tsa lona tsa setjheso, ke tennwe ke mafura a dipheleu le a phoofolo tse nontshitsweng; ha ke thabele madi a dipohwana, le a dikonyana le diphooko. 12 Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka? 13 Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella. 14 Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara. 15 Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi. 16 Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo. 17 Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele. 18 “Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya. 19 Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena; 20 haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena. Motse o kgopo 21 Motse o tshepahalang o fetohile seotswa se jwang! Pele o ne o tletse toka, ho loka ho ahile hara wona, empa jwale o tletse babolai. 22 Silefera ya wona e fetohile manya, veine ya wona e hlapolotswe ka metsi. 23 Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele. 24 Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang. 25 Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao. 26 Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang. 27 “Toka e tla pholosa Sione, ba bakang ba pholoswe ke ho loka. 28 Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela. 29 “Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng. 30 Le tla tshwana le fate sa eike, se ponang mahlaku, le be jwaloka serapa se omeletseng. 31 Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa