Hosea 9 - BIBELEHosea o phatlalatsa kotlo ya Iseraele 1 Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng. 2 Seotlo le setlhotlelo di ke ke tsa fepa setjhaba, veine e ntjha le yona e tla se haella. 3 Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria. 4 Ha se ka ke sa etsetsa Morena nyehelo tsa veine, mahlabelo a sona ha a amohelehe ho yena, ho sona a tla ka dijo tsa bofifi, bohle ba di jang ba tla silafala. Dijo tsa bona di tla itjellwa ke bona feela, di ke ke tsa kenngwa ka Tempeleng ya Morena. 5 Le tla etsang mohla tsatsi le halalelang, mohla letsatsi la mokete wa Morena? 6 Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona. 7 A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo! 8 Moporofeta ke molebedi wa Efraime, Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka; empa o tjhehetswe maraba, a a tjhehelwa tseleng tsohle, ka Tempeleng ya Modimo wa hae bora bo mo emetse. 9 Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona. Sebe sa Iseraele le ditholwana tsa sona 10 “Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang! 11 Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo. 12 Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla! 13 Kamoo ke boneng Efraime kateng, o ne a dutse monateng sa motse wa Tire; empa Efraime o tla tswala bana ba hae, a ba tswalle ho bolawa, ho bolawa ke mmolai.” 14 Oho, Morena, ako ba nee! Ekaba o tla ba nea eng, Morena? Ba nee dipopelo, dipopelo tse senyehelwang! Ba nee matswele, matswele a sa tsweng lebese! Morena o tla ahlola Iseraele 15 “Bokgopo bohle ba bona bo qadile Gilegale, ka qala ho ba hloya ha ba le moo. Ka baka la bokgopo bona ba bona, ke tla ba leleka Tempeleng ya ka. Nke ke ka hlola ke sa ba rata, mahosana a bona wohle ke bafetohedi. 16 Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.” 17 Modimo wa ka o tla ba furalla, hobane ha ba a ka ba mo mamela; ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa