Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 8 - BIBELE


Morena o nyatsa ha ho rapelwa medingwana

1 “Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.

2 Tjhaba sa Iseraele se a ipiletsa, se a ipiletsa, se re ho nna: ‘Oho, Modimo wa rona, rona re a o tseba!’

3 Empa Baiseraele ba furaletse tse molemo, kahoo sera se tla ba phaladisa.

4 Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela.

5 Wena Samaria, ke nyonya medingwana ya hao, medingwana ya hao ya manamane, kgalefo ya ka e tlokomela baahi ba Samaria! Ba tla sitwa ho itlhwekisa ho fihlela neng?

6 Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa!

7 “Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.

8 Baiseraele ba kwentswe, ba kwentswe bokwiditane, jwale ba se ba lweba kahara baditjhaba, ba ka ntho e se e se na molemo.

9 Ba nyolohile, ba ikela Asiria, sa tonki e hlaha, e lelerang le naha; Efraime yena o ikgiretse basireletsi.

10 Le hoja ba ithekisitse, ba ithekisitse ho baditjhaba, nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle. Ba tla qala ho fella dikobong, ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.

11 “Le hoja Efraime a hahile dialetare tse ngata, a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona, aletare tsena di fetohile sentele sa dibe.

12 Ke mo ngoletse melao e se nang palo, empa o e tadima e le ntho tsa basele.

13 Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.

14 Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, a haha matlo a dikgosi tsa hae; Juda o hahile metse e mengata, metse e haheleditsweng, empa metse eo ke tla e tjhesa ka mollo, o tjhese matlo a yona a bokgosi.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan