Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 7 - BIBELE

1 “Ha ke re ke fodisa Iseraele, dibe tsa Efraime di a pepeseha, bokgopo ba Samaria bo senolehe: Bobedi ba etsetsana bolotsana, Mashodu a a thua, a kene ka matlung, diterateng dinokwane di hape tsa batho.

2 Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Morero wa sekgukgu ka tlung ya bokgosi

3 “Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.

4 Kaofela ha bona ba etsa bofebe, ba tuka sa sebopi se beseleditswe, mophehi a sa hloke ho se roteletsa, ho tloha ha a qala ho duba hlama, ho fihlela hlama eo e ba e bela.

5 Mohla mokete wa kgosi ya rona, ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine, kgosi e etsise basomi ka ho nwa.

6 Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi, ha ba qatjhame, ba laletse kgosi. Kgalefo ya bona bosiu e a kekela, ere bo esa e tuke sa malakabe.

7 Kaofela ha bona ba tjhesa sa sebopi, ba fenethile babusi ba bona. Dikgosi tsa bona di wele mofela, ha ho e kile ya ipiletsa ho nna.


Iseraele le baditjhaba

8 “Efraime o ikopantse le baditjhaba; Efraime ke senkgwa se fubisitsweng.

9 Matla a hae a jelwe ke baditjhaba, empa hoo yena ha a ho lemohe. Hlooho e se e le marasi a ho taba, empa le hoo ha a ho lemohe.

10 Baiseraele ba ahlolwa ke boikgantsho ba bona, empa ha ba kgutlele ho Morena, Morena Modimo wa bona, kapa ho mmatla, leha tsena di etsahetse.

11 “Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.

12 Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho.

13 Bomadimabe bo ba wele hodimo, hobane ba balehile pela ka! Kotlo e ba wele hodimo, hobane ke mona ba ntshitetswe! Ke ne ke re ke a ba lopolla, empa ba nnetile ka leshano!

14 Ha ba ipiletse ho nna ka dipelo tsa bona, ba bokollela phateng tsa bona feela. Ha ba llela koro le veine ba a itshehaka, empa nna ba a mphetohela.

15 Le hoja ke ba otlile, ke ba matlafaditse, empa bona ba ntherela tse kgopo.

16 Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan