Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 5 - BIBELE

1 “Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.

2 Bafetohedi ba tetebetse hara dipolao, ke tla ba otla kaofela ha bona.

3 Tsa Efraime ke di tseba sethapo, tsa Iseraele hase bofihla ho nna. Wena Efraime, o etsa bootswa, Iseraele yena o itshilafaditse.”


Hosea o nyatsa ha ho kgumamelwa medingwana

4 “Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle.

5 Boikgohomoso ba Iseraele bo a mo ahlola, Iseraele le Efraime ba tla kgothometseha, ba be ba we ka baka la bokgopo ba bona, Juda le yena a we le bona.

6 Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.

7 Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.”


Juda o lwantsha Iseraele

8 “Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!

9 Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo, naha ya Efraime e tla fetoha nanaola. Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele, ke e phatlalletsa seo e leng nnete.

10 Mahosana a Juda a ka ba tsekang meedi, ba suthisang mekolokotwane ya meedi. Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima wona, ke e tshollele hodima wona, ke e tshollele sa morallo wa metsi.

11 Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.

12 Ho ba ntlo ya Efraime ke tshwana le tshwele, ho ba ntlo ya Juda ke ka diboko.

13 “Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.

14 Ho ba ntlo ya Efraime ke tla tshwana le tau, ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana. Nna ka sebele ke tla harola, ke ikele, ke ba hlasinye, ba hloke monamoledi.

15 Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan