Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 14 - BIBELE


Hosea o ipiletsa ho Iseraele

1 Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.

2 Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.

3 Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


Morena o tshepisa Iseraele bophelo bo botjha

4 Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.

5 Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka, Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe, a mele metso sa kedare ya Lebanone.

6 Makala a hae a tla hlomela, a thathalle, a kgahlehe jwaloka fate sa mohlwaare, a nkge hamonate sa kedare ya Lebanone.

7 Ba tla boela ba dula moriting wa sona, ba leme mabele, ba a tjhaye haholo, ba etse dithunthung jwaloka fate sa morara, botumo ba bona e ke ba veine ya Lebanone.

8 Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


Keletso ya ho qetela

9 Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan