Hosea 13 - BIBELEKahlolo ya ho qetela ya Iseraele 1 Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa. 2 Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.” 3 Kahoo ba tla tshwana le mouwane wa hoseng, ba je jwaloka phoka ya meso e hlohlorehang, ba be jwaloka mmoko o fefolwang ke moya seotlong, ba be jwaloka mosi o foqohang hodima ntlo. 4 Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna. 5 Ke o babaletse o le hara lehwatata, o le naheng e omeletseng haholo. 6 Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala. 7 Jwale ke tla ba futuhela, ke ba futuhele sa lekakuba, tseleng teng ke ba lalle sa lengau. 8 Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana. 9 “Wena Iseraele, ke tla o timetsa! Ebe ke mang ya ka tsebang ho o thusetsa? 10 E kae kgosi ya hao e ke e o namolele, e o sireletse metseng yohle ya hao? Babusi bohle ba metse ya hao ba kae, bona bao o ne o bue ka bona, wa re: ‘Ako mphe kgosi, o be o mphe le mahosana’? 11 Ka o nea kgosi eo ke halefile, ka ba ka o amoha yona ke halefile. 12 Bokgopo ba Efraime bo ngotswe bukeng, sebe sa hae se ke ke sa lebaleha. 13 Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng. 14 “Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko! 15 Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe. 16 Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa