Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 11 - BIBELE


Modimo o rata setjhaba sa bafetohedi

1 “Ke ratile Iseraele e sa le lesea, ka bitsa mora wa ka hore a tswe Egepeta.

2 Ha ke ntse ke pheeletse ho ba bitsa kgafetsa, ba nna ba suthella thoko ho nna; ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo, ba tjhesetsa medingwana mokubetso.

3 Ke nna ya rutileng Efraime, ka mo ruta ho tataya, ka mo nenesa ka letsoho la ka; empa ha ba a ka ba ela hloko hore ke nna ya ba hlokometseng.

4 Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa.

5 “Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.

6 Sabole e tla tsekema hara metse ya bona, e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona, merero ya bona yohle e e nyopise.

7 Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.

8 “Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.

9 Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka, nke ke ka timetsa Efraime hape, hoba nna ke Modimo, ha ke motho; ke Ya Halalelang ya dulang hara lona, ha nka ke ka tla ke halefile.

10 Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.

11 Ba tla pakasela sa nonyana e fofa, ba pakasele ba etswa Egepeta, ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria, ke ba ahise matlung a bona,” ho rialo Morena.


Sebe sa Iseraele le Juda

12 Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan