Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Hosea 10 - BIBELE


Moporofeta o bua ka Iseraele

1 Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.

2 Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.

3 Jwale ba tla re: “Rona ha re na kgosi, hobane ha re a ka ra tshaba Morena. Esita leha re ne re ena le kgosi, kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”

4 Ba etsa ditshepiso tsa bosawana, ba hlapanye ka leshano, ba etse le dilekane, kahoo ho hlaha dinyewe, nyewe tse ngatangata, di ke monatja o mela hara boleme.

5 Baahi ba Samaria ba tla thothomela, ba thothometswe ke manamane, manamane a Bete-Afene. Tjhaba sa Samaria se tla llela namane eo, baprista ba yona le bona ba e llele, bona baprista ba neng ba e thabetse, ba nyakalletse tlotla ya namane, tlotla e seng e tlositswe, e tlositswe ho yona.

6 Namane eo e tla iswa Asiria, e le nyehelo ho kgosi e kgolo. Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabiswe ke keletso tsa hae.

7 Samaria le kgosi ya yona di tla hoholwa, di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.

8 Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


Morena o ahlola Iseraele

9 “Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.

10 Ke tla futuhela bafetohedi, ke ba kgahlole, ke ba kgobokanyetse mabotho a baditjhaba, ke ba otlele dibe tsa bona, dibe tse ngatangata.

11 Efraime ke kgongwana e thapisitsweng, ke kgongwana e ratang ho pola mabele; molaleng wa yona o motle ka bea joko, ka bofella Efraime mohomeng hore a leme, Jakobo yena a tle a phophothe makwete.

12 Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.

13 Empa le ile la jala bokgopo, kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo, la ja le yona tholwana ya leshano. Kahobane o itshepetse kariki tsa hao tsa ntwa, o tshepile le boiyane ba mabotho a hao,

14 morusu wa ntwa o tla tsohela tjhaba sa hao, qhobosheane tsohle tsa hao ebe di a ripitlwa, di ripitlwe sa mohla tsatsi lane la ntwa, ha Shalemane a ne a ripitla Bete-Arabeele, a pshatlaka basadi le masea a bona.

15 Le wena Bethele, ho tla ba tjena ho wena, ka baka la bokgopo bo boholo ba hao. Ha mafube a meso a hlaha ka botjhabela, kgosi ya Iseraele e tla ripitlelwa ruri!”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan