Hosea 1 - BIBELE1 Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri. Mosadi wa Hosea le bana ba hae 2 Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.” 3 Yaba Hosea o a ya, o nyala Gomere, moradi wa Dibelaime; yena a emola, mme a mo tswalla mora. 4 Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise. 5 Mohlang oo seqha sa Iseraele ke tla se roba, ke se robele kgohlong ya Jesereele.” 6 Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela. 7 Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.” 8 Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong. 9 Yaba Morena o re: “Yena o mo ree lebitso la Lebamang, hoba lona ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke Modimo wa lona.” Baiseraele ba tla kgutliswa 10 “Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’. 11 Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa