Habakuke 2 - BIBELEMorena o araba Habakuke 1 Ke tla ema sethaleng sa ka, ke lalle ke le toreng, toreng ya balebedi, ke mamele seo Morena a se buang ho nna, ke imamelle hore na ke tla mo araba jwang. 2 Yaba Morena o a nkaraba, o re: “Ngola taba tsa pono ena hodima matlapa, o di ngole hantle babadi ba se ke ba hakwa. 3 Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha. 4 Bona, ya kgopo yena a ke ke a phela, athe ya lokileng o tla phela ka tumelo ya hae.” Kotlo ya ba sa lokang 5 “Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa. 6 “Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’ 7 Bao o ba hanyapetsang ha ba tlo o tsometsa, wena o thothomele ha ba o tsohela matla? Wena o tla ba mothopuwa wa bona! 8 Kaha o tlatlapile ditjhaba tse ngata, masalla a tsona le wona a tla o tlatlapa, hobane o tsholotse madi a batho, o sentse dinaha, le metse wa e ripitla, le baahi bohle ba yona wa ba timetsa. 9 “Ho madimabe ya ithuisang ka mano, ya hahang ntlo ya hae hodima qhowa, hore a tla tsebe ho phema koduwa. 10 Merero ya hao e hlabisitse ba heno dihlong, merero ya ho bolaya ditjhaba tse ngata; kahoo o beile bophelo ba hao kotsing. 11 Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi, maballo a lehong a arabele mokgosi oo. 12 “Ho madimabe ba hahileng motse wa bona, ba o hahileng ka ho tsholla madi, ba o haha hodima moralo wa bolotsana! 13 Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea? 14 Empa tsebo e tla tlala, e tlale lefatshe kahohle, tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena, e tlale lefatshe sa metsi a tletse lewatle. 15 “Ho madimabe ya nwesang ba habo tahi, a ba tshelle yona ho fihlela ba tahwa, a tla tsebe ho bona bofeela ba bona. 16 O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao. 17 Tshenyo e entsweng Lebanone e tla o timetsa, polao ya dibatana tsa yona e tla o tshosa, hoba madi a batho a tsholotswe ke wena, wa senya naha, le motse wa o ripitla, baahi bohle ba wona wa ba timetsa. 18 “Modingwana wa bohata o thusa mo-o-etsi ka eng? Ke setshwantsho feela, se bolela mashano! Moetsi wa sona o tshepa mmopo wa matsoho a hae, o iketseditse modingwana, modingwana o semumu! 19 Ho madimabe ya reng ho lehong: ‘Phaphama!’ le ho lejwe le semumu: ‘Phahama!’ Na medimo e tjee e ka tseba ho porofeta? E kgabisitswe ka kgauta le ka silefera, empa ka ho yona moya wa bophelo ha o yo! 20 Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa