Habakuke 1 - BIBELE1 Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebiswe ka pono: Boipelaetso ba Habakuke 2 Oho, Morena, ke tla kopa thuso ho fihlela neng, empa wena o sa mmamele? Ke ipiletse ho wena, ke re: “Dikgoka!” empa wena o sa mpholose? 3 O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela. 4 Ka lebaka lena, molao o nyehlisitswe, toka le yona ha e phethahatswe. Ba lokileng ba qhekanyetswa ke ba kgopo, ka hona kahlolo di etswa di sokamisitswe. Morena o a araba 5 “Tadima ditjhaba, o ke o lebelle; ako makale, o be o hlollwe. Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao, ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela leha o ne o ka ba wa ho bolellwa. 6 Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona. 7 Ke setjhaba se tshabehang, tjhaba se sehloho; melao ya sona, le yona tlotla ya sona, ke tse iketseditsweng ke sona ka bosona. 8 Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi. 9 Bohle ba futuha ba kalatisaka dikgoka, mabotho a bona a fiela sa moya, a fiela sa moya wa lehwatata; bathopuwa ba bona ba bangata, ba bangata sa lehlabathe la lewatle. 10 Dikgosi ba a di soma, babusi ba a ba teola; diqhobosheane tsohle tsona ba a di tella, ba haha metero ya mobu, ba hape metse. 11 Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.” Habakuke o ipelaetsa la bobedi 12 Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema. 13 Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka? 14 O tshwantshitse batho le tsa lewatle ditlhapi, le dibopuwa tse lelemelang di se na mmusi. 15 Tsohle di tshwaswa ka dilope, di tshwaswa ke sera, se be se di tshwase ka letlowa la sona, se nto di hula ka seketswana sa sona, se etse ditlatse tsa nyakallo ha se tshwasitse. 16 Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye. 17 Na sera se tla nne se tsomule sabole, se nne se harinye ditjhaba ho se mohau? |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa