Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Genese 48 - BIBELE


Jakobo o hlohonolofatsa Efraime le Manase

1 Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime.

2 Yaba ho tsebiswa Jakobo, ho thwe: “Bona, mora wa hao, Josefa, o tlilo o bona.” Iseraele a itiisa, a dula hodima diphate.

3 Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa,

4 a re ho nna: ‘Bona, ke tla o fa bana ba bangata, ke ba atise, ke o etse raditjhabatjhaba, mme ke tla nea ditloholo tsa hao naha ena, e be leruo la tsona la mehla yohle.’

5 “Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.

6 Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona.

7 Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”

8 Ha Iseraele a bona bara ba Josefa, a re: “Baa ke bo-mang?”

9 Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.” Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.”

10 Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.

11 Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”

12 Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.

13 Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae.

14 Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo.

15 Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re: “Modimo ya kgahlisitsweng ke bo-ntatemoholo, ke bo-ntatemoholo Aborahama le Isaka, ba mo kgahlisa ka metsamao ya bona; yena Modimo ya ileng a nkalosa, ho tloha bonyenyaneng ba ka, a nkalosa ho fihlela kajeno.

16 Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”

17 Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase,

18 mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”

19 Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”

20 Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: ‘Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase.’ ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.

21 Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.

22 Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan