Genese 45 - BIBELEJosefa o itsebisa bana babo 1 Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo. 2 Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo. 3 Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela. 4 Kahoo Josefa a re ho bana babo: “Atamelang ho nna hle!” Yaba ba a atamela, mme a re ho bona: “Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le neng le mo rekise Egepeta. 5 Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe. 6 Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa. 7 Modimo o nthometse mona pele ho lona, hore le be le ditloholo naheng ena, le ho le baballa, hore le tle le pholohe le le bangata. 8 “Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta. 9 Potlakang, le nyolohele ho ntate, le re ho yena: ‘Mora wa hao Josefa o re Modimo o nkentse mmusi wa Egepeta yohle; theohela ho nna, o se ke wa dieha. 10 O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona. 11 Ke tla o baballa teng, hobane ho sa tla dilemo tse hlano tsa tlala, esere mohlomong wena, le ba lelapa la hao, le tsohle tseo o nang le tsona, la futsaneha.’ 12 “Jwale le a mpona, le mahlo a moena ka Benjamine a a bona hore ke molomo wa ka o buang le lona. 13 Tsebisang ntate hlompho yohle eo ke nang le yona mona Egepeta, le tsohle tseo le di boneng. Potlakang, le theolele ntate kwano.” 14 Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo. 15 A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena. 16 Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba. 17 Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: ‘Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana. 18 Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.’ 19 “Ba laele hape, o re: ‘Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano. 20 Se lleleng thepa ya lona e salang, hobane tse molemo tsa naha yohle ya Egepeta ke tsa lona.’ ” 21 Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao. 22 Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha. 23 Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae. 24 Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.” 25 Ba nyoloha Egepeta, ba ya fihla naheng ya Kanana, ho ntata bona Jakobo. 26 Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe. 27 Empa eitse ha ba mmolella dipolelo tsohle tseo Josefa a di buileng ho bona, le ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho tla mo lata, a tsoha molota. 28 Yaba Iseraele o re: “Ho lekane; mora wa ka Josefa o ntse a phela. Ke tla ya, ke yo mmona ke eso shwe.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa