Genese 4 - BIBELEDitaba tsa Kaine le Abele 1 Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.” 2 A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi. 3 Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya. 4 Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae, 5 empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana. 6 Morena a re ho Kaine: “O halefetseng? Ke ka baka lang ha sefahleho sa hao se tsunkane? 7 Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.” 8 Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya. Teleko ya Kaine 9 Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?” 10 Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung. 11 Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona. 12 Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.” 13 Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella. 14 Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.” 15 Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya. 16 Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene. Leloko la Kaine 17 Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke. 18 Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehuyaele; Mehuyaele a tswala Methushaele; Methushaele a tswala Lameke. 19 Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla. 20 Ada a tswala Jabale, eo e leng ntata ba neng ba phela ditenteng, ba ruileng mehlape. 21 Lebitso la moena hae e ne e le Jubale, eo e leng ntata bohle ba neng ba letsa makodilo le diphala. 22 Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama. 23 Yaba Lameke o re ho basadi ba hae: “Ada le Silla, utlwang lentswe la ka; lona basadi ba Lameke, mamelang polelo ya ka: ke bolaile motho ya mpatileng leoma, le mohlankana ya nteteditseng. 24 Haeba Kaine a pheteletswa hasupa, Lameke yena e tla ba hamashome a supileng hasupa.” 25 Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.” 26 Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa