Genese 36 - BIBELELeloko la Esau ( 1 Dik. 1:34-37 ) 1 Lena ke leloko la Esau, e leng Edomo. 2 Esau o ile a nyala basadi ba Bakanana: Ke Ada, moradi wa Elona wa Mohete; Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone wa Mohife; 3 le Basemate, moradi wa Ishemaele, kgaitsedi ya Nebajote. 4 Ada a tswalla Esau Elefase; Basemate a tswala Reuele, 5 mme Oholebama a tswala Jeushe, le Jalame, le Kora. Bana ke bara ba Esau ba tswaletsweng naheng ya Kanana. 6 Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo. 7 Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona. 8 Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo. 9 Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire. 10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau. 11 Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase. 12 Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau. 13 Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau. 14 Bana ke bara ba Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone, mosadi wa Esau. O ile a tswalla Esau Jeushe, le Jalame, le Kora. 15 Ana ke mahosana a bara ba Esau. Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase, 16 le Kora, le Gatame, le Amaleke. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Elefase, naheng ya Edomo; ke bara ba Ada. 17 Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: bo-kgosana Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Reuele, naheng ya Edomo. Ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau. 18 Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau. 19 Bana ke bara ba Esau, eo e leng Edomo, mme ana ke mahosana a bona. Leloko la Seire ( 1 Dik. 1:38-42 ) 20 Bana ke bara be Seire wa Mahore, bao e leng baahi ba naha: Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana; 21 le Dishone, le Esere, le Dishane; ana ke mahosana a Bahore, bara ba Seire wa naha ya Edomo. 22 Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame, mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina. 23 Bana ke bara ba Shobale: Alefane, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname. 24 Bana ke bara ba Sibone: Aya le Ana. Enwa ke Ana yane wa ho fumana sediba sa metsi a tjhesang, lehwatateng, ha a ntse a alositse ditonki tsa ntatae Sibone. 25 Bana ke bara ba Ana: Dishone le Oholebama, moradi wa Ana. 26 Bana ke bara ba Dishone: Hemedane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane. 27 Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Akane. 28 Bara ba Dishane ke Use le Arane. 29 Ana ke mahosana a Bahore: bokgosana Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana, 30 le Dishone, le Esere, le Dishane. Ana ke mahosana a Bahore, ho ya ka merabe ya wona, naheng ya Seire. Dikgosi tsa Edomo ( 1 Dik. 1:43-54 ) 31 Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele. 32 Bela, mora wa Beora, a na a busa Edomo, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba. 33 Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae. 34 Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae. 35 Hushame a shwa, mme Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamidiane naheng ya Moabe, a busa bakeng sa hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite. 36 Hadade a shwa, mme Samela wa Masereka a busa bakeng sa hae. 37 Samela a shwa, mme Shaule wa Rehobote e lebopong la Euferatese, a busa bakeng sa hae. 38 Shaule a shwa, mme Baale-Hanane, mora wa Akabore, a busa bakeng sa hae. 39 Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe. 40 Ana ke mabitso a mahosana a tswetsweng ke Esau, ho ya ka malapa a wona, le ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, le ka mabitso a wona: bokgosana Timina, le Alefa, le Jetete, 41 le Oholebama, le Ela, le Pinone, 42 le Kenase, le Temana, le Mebisare, 43 le Magedeele, le Irame. Ana ke mahosana a Edomo, ke ho re Esau, ntata Baedomo, ho ya ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, naheng eo e leng ya wona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa