Genese 32 - BIBELE1 Ha Jakobo a ntse a tswela pele leetong la hae, mangeloi a Modimo a kopana le yena, 2 mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime. Ho romelwa maqosa ho Esau 3 Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo. 4 A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: ‘Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale. 5 Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.’ ” 6 Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.” 7 Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi. 8 Yaba o re: “Haeba Esau a ka fihla sehlopheng sa pele, a se ripitla, sehlopha se setseng se tla phonyoha.” 9 Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’, 10 ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi. 11 Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana. 12 Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ” 13 A robala moo bosiung boo, mme ho tseo a di ruileng a ntshetsa moholwane wa hae Esau mpho. 14 E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi; 15 dikamele tse nyantshang tse mashome a mararo mmoho le dipetsana tsa tsona; dikgomo tse mashome a mane, le dipoho tse leshome; le ditonki tse mashome a mabedi tse tshehadi, le dipetsana tse leshome. 16 Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.” 17 A laela ya kgannang mohlape wa pele, a re: “Ha o teana le Esau, moholwane wa ka, mme a o botsa, a re: ‘O mohlanka wa mang? O ya kae? Dintho tsee, tseo o di kgannang, ke tsa mang?’ 18 Wena o tle o re: ‘Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo; ke mpho eo a e romelang ho morena wa ka Esau. Le yena o ntse a etla kamorao ho rona.’ ” 19 A laela le ya kgannang mohlape wa bobedi, le wa boraro, le bohle ba kgannang mehlape, a re: “Le lona le tle le bue jwalo ho Esau, ha le teana le yena, 20 mme le be le re: ‘Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona.’ ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.” 21 Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng. Jakobo o kolokotjhana le motho 22 Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko. 23 A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona. 24 Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha. 25 Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana. 26 Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!” 27 Eo a re ho Jakobo: “Lebitso la hao a mang?” Yena a re: “Ke Jakobo.” 28 Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.” 29 Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!” Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo. 30 Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.” 31 Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae. 32 Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa