Genese 3 - BIBELENoha e eka mosadi 1 Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?” 2 Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng, 3 empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse: ‘Le se ke la di ja, le ho di thetsa le se ke la di thetsa, esere la shwa.’ ” 4 Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa! 5 Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.” 6 Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja. 7 Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo. Modimo o ahlola motho 8 Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa. 9 Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?” 10 Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.” 11 Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?” 12 Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.” 13 Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.” 14 Morena Modimo a re ho noha: “Hara makgomo wohle, le diphoofolo tsohle tsa naha, o rohakehile, kahobane o entse sena! O tla holoba ka mpa ya hao, o je lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao. 15 Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.” 16 A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.” 17 Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao. 18 Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha. 19 O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!” 20 Monna a rea mosadi lebitso la Eva, hobane ke yena mma batho bohle ba phelang. 21 Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa. Motho o lelekwa serapeng sa Edene 22 Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” 23 Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona. 24 A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa