Genese 20 - BIBELEAborahama o fallela Gerare ( Tshim. 12:10-20 ; 26:1-11 ) 1 Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare. 2 Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara. 3 Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.” 4 Abimeleke o ne a eso kene dikobong tsa hae; jwale a re: “Morena, na o tla bolaya batho ba se nang molato? 5 Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.” 6 Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame. 7 Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.” 8 Yaba Abimeleke o tsoha ka madungwadungwana, o bitsa bahlanka ba hae bohle, o ba bolella tsena tsohle. Banna bao ba tshoha haholo. 9 Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.” 10 A boela a re ho Aborahama: “O ne o hopotse eng, ha o tla etsa ntho ee?” 11 Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka. 12 Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka. 13 Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: ‘Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!’ ” 14 Yaba Abimeleke o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, le makgoba a banna le a basadi, a di nea Aborahama, a mo kgutlisetsa mosadi wa hae, Sara. 15 Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.” 16 Ho Sara a re: “Bona, ke neile ngwaneno silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le motso o mong le halofo; hona ke ho o hlomphisa bohle ba nang le wena, mme mahlong a bohle o lokafaditswe.” 17 Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana. 18 Modimo o ne a kwetse dipopelo tsa ba lelapa la Abimeleke ka baka la Sara, mosadi wa Aborahama. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa