Genese 12 - BIBELEAborame o fallela Kanana 1 Morena a re ho Aborame: “Tloha naheng ya heno, le ho bang ka wena, le tlung ya ntatao, o fallele naheng eo ke tla o supisa yona. 2 “Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena. 3 Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.” 4 Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano. 5 Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana. 6 Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo. 7 Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare. 8 Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena. 9 Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa. Aborame o theohela Egepeta ( Tshim. 20:1-18 ; 26:1-11 ) 10 Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana. 11 Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo; 12 etlare ha Baegepeta ba o bona, ba re: ‘Ke mosadi wa hae enwa,’ ebe ba a mpolaya, empa wena ba tla o tlohela o nne o phele. 13 Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.” 14 Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo. 15 Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro. 16 Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele. 17 Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame. 18 Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao? 19 Ke ka baka lang o ileng wa re: ‘Ke kgaitsedi ya ka,’ mme yaba ke mo nka hore e be mosadi wa ka? Ka baka leo, mosadi wa hao ke eo he! Mo nke, o tsamaye!” 20 Yaba Faro o laela banna hore ba mo felehetse le mosadi wa hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa