Genese 11 - BIBELETora ya Babele 1 Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang. 2 Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng. 3 Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka. 4 Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.” 5 Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang. 6 Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa. 7 A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.” 8 Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo. 9 Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle. Leloko la Sema ho ya fihla ho Tera 10 Lena ke leloko la Sema. Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng. 11 Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi. 12 Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela. 13 Hoba Shela a tswalwe, Arepakeshade o ile a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi. 14 Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Ebere. 15 Hoba Ebere a tswalwe, Shela o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi. 16 Ebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, yaba o tswala Pelege. 17 Hoba Pelege a tswalwe, Ebere o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi. 18 Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Reu. 19 Hoba Reu a tswalwe, Pelege o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi. 20 Reu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, yaba o tswala Seruge. 21 Hoba Seruge a tswalwe, Reu o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi. 22 Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Nakore. 23 Hoba Nakore a tswalwe, Seruge o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. 24 Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, yaba o tswala Tera. 25 Hoba Tera a tswalwe, Nakore o ile a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi. 26 Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, yaba o tswala Aborame le Nakore le Harane. Leloko la Tera 27 Lena ke leloko la Tera. Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota. 28 Harane a shwa ntatae Tera a sa phela, a shwela naheng eo a tswaletsweng ho yona, e leng Ure ya Bakalatiya. 29 Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka. 30 Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana. 31 Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng. 32 Ditshiu tseo Tera a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mabedi le metso e mehlano. Tera o ile a shwela Harane. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa