Ezekiele 28 - BIBELEBoporofeta bo nyatsang kgosi ya Tire 1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2 “Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo. 3 Na o bohlale ho feta Daniele? Ha ho sephiri se patehileng ho wena? 4 Ka bohlale ba hao le ka kutlwisiso ya hao, o ile wa ipokellela matlotlo, wa bokella kgauta le silefera, wa di bokella matloleng a hao. 5 Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota. 6 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Kahobane wena ha o inahana, o re o bohlale jwaloka Modimo, 7 ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele, baditjhaba ba sehloho ho feta bohle; ka sabole tsa bona ba tla senya botle ba hao, ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao, tlotla ya hao ba e silafatse. 8 Ba tla o dihela ka mohohlong, o shwe lefu le sehloho haholo, lefu la ba shwelang bodibeng, bodibeng ba lewatle. 9 Na ha o shebana le babolai ba hao, o tla nno ipolele, o re o modimo? Ha o le matsohong a babolai ba hao o tla nno be motho, e seng Modimo. 10 O tla bolawa ke baditjhaba, o shwe lefu la maqai, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.’ ” Ho hlolwa ha kgosi ya Tire 11 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 12 “Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Botho ba hao bo ne bo phethehile, bohlale ba hao bo se na tekanyo, botle ba hao le bona bo ritelehile. 13 O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao. 14 O no tlotswe, wa ba kerubime e sireletsang, nna ka seqo, ke o beile jwalo. O no le thabeng ya Modimo, thaba e halalelang, o tsamaya hara majwe a phatsimang sa malakabe. 15 Ho tloha mohla letsatsi, tsatsi la tlholeho ya hao, ho fihlela bokgopo bo fumanwa ho wena, tsela tsa hao di ne di se na kodi. 16 Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe. 17 Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone! 18 O silafaditse dihalalelo tsa hao, wa di silafatsa ka bongata ba makgopo a hao, wa di silafatsa ka ho hweba ka bolotsana; kahoo ke tla hotetsa mollo kahare ho wena, wona o o tjhese, o be o o timetse, ke o fetole molora hodima lefatshe, moo batho bohle ba ntseng ba o bona. 19 Tjhaba tsohle tse o tsebang di tla o makalla; pheletso ya hao e tla ba e sehloho, o ke ke wa hlola o eba teng, o eba teng kamehla yohle.’ ” Boporofeta bo nyatsang Sidone 20 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 21 “Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele. 22 Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Sidone, tseba hoba ke a o lwantsha, tlotla ya ka ke tla e bonahatsa ka wena; bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke ahlola baahi bohle ba hao, ke etsa sesupo sa hore ke a halalela. 23 Sidone ke tla e dihela lefu, ke e dihele lefu la sewa, madi a phalle diterateng tsa yona. Babolauwa e tla ba mofela, e be mofela diterateng, kahohle sabole e tla ba bolaya; kahoo ba tla tseba hore ke nna Morena. Baiseraele ba tla hlohonolofatswa 24 “ ‘Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo. 25 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo. 26 Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa