Ezekiele 2 - BIBELEEsekiele o bitsetswa ho ba moporofeta 1 Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.” 2 Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna. 3 La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno. 4 Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena.’ 5 Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona. 6 Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi. 7 O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. 8 Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.” 9 Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka 10 eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa